*** Morena O Baetele
Morena, o baetele
Bana bohle ba lefifi
Lesedi le ba chabele
Ka bophara ba lefatshe
Bophelo ke wena fela
Empa batho ha ba tsebe
Ba lahlehetswe ke tsela
Ba khelositswe ke sebe
Tadima bomadimabe
Jo aba sa tsebeng thapelo
U ba romele diabi
Tsa ditaba tsa bophelo
Moya o latela lentswe
Naheng tsohle mole rongwang
Ha le setse le jadilwe
Ebe oona o nosetsang
O phakise o bokelle
Bao i khethetseng bona
Re tla ne re ba rapelle
U re utlwe Ntat'a rona
U re utlwe Ntat'a rona